
Ho nyoloha le ho theoha hoa Market oa Stocks ke karolo e tloaelehileng feela ea khoebo. Matsatsing a mang, litheko li nyoloha joalo ka rokete, 'me ka matsatsi a mang, li theoha ka potlako ho feta terene ea boithabiso. Haeba le hoeba, ho utloisisa ho feto-fetoha hoa litheko ke senotlolo sa ho etsa liqeto tse bohlale le ho lula le laola leano la lona.
Tataiso ena e hlalosa hore na ho feto-fetoha hoa Market oa Stocks ke eng, hore na ke hobane'ng ha ho etsahala, le kamoo le ka ho laolang kateng joalo ka setsebi.
Stocks ke eng? (kakaretso e khutšoanyane!)
Stocks (tse bitsoang hape li-equity) li emela borui khamphaning. Ha le reka Stocks, le fetoha mong'a kabelo, ho bolelang hore le na le karolo ea khamphani eo. Haeba khamphani e sebetsa hantle, boleng ba Stock ea eona hangata boa nyoloha, 'me haeba e thulana le mathata, theko ea Stock e ka theoha. Bahoebi ba reka Stocks ka tšepo ea ho fumana phaello ho tsoa keketsehong ea theko le likabelong tsa phaello (e leng liphaello tsa khamphani tse arolelanoang le beng ba likabelo).
Ke hobane'ng ha litheko tsa Stocks li feto-fetoha?
Market oa Stocks o sebetsa ka phepelo le tlhoko. Haeba batho ba bangata ba batla ho reka Stock ho feta ba batlang ho e rekisa, theko ea nyoloha. Haeba batho ba bangata ba batla ho rekisa ho feta ho reka, theko ea theoha. Ho bonahala ho le bonolo, empa ha e le hantle, litheko li susumetsoa ke mabaka a mangata, ho kenyeletsoa maemo a moruo, maikutlo a bahoebi, esita le litaba tsa morao-rao tsa tšohanyetso.
Ho feto-fetoha hoa Market oa Stocks ke eng?
Ho feto-fetoha ho lekanya hore na litheko tsa Stocks li nyoloha le ho theoha hakae. Haeba litheko li fetoha haholo ka potlako, Market o feto-fetoha haholo. Haeba li tsamaea butle ka botsitso, ke ho feto-fetoha ho tlase. Ho bohlokoa ho hlokomela hore ho feto-fetoha ha ho le bolelle hore na litheko li tla nyoloha kapa li theohe. Ho lekanya feela matla a ho fetoha hoa litheko.
Mohlala oa sebele bophelong:
Matsatsing a pele a seoa sa COVID-19, Market oa Stocks o ile oa ba le liphetoho tse kholo tsa letsatsi le letsatsi hobane ho ne ho se motho ea tsebang se tla etsahala ka mor'a moo. Ho hloka bonnete = ho feto-fetoha ho holimo.
Mefuta e 'meli ea ho feto-fetoha:
- Ho feto-fetoha hoa nalane: Ho lekanya hore na theko ea thepa e fetohile hakae nakong e fetileng. Ho sheba metsamao ea litheko tsa nakong e fetileng ho thusa bahoebi ho hakanya liphetoho tse ka bang teng nakong e tlang.
- Ho feto-fetoha ho lebeletsoeng: Ho bontša hore na bahoebi ba lebeletse hore Stock e fetohe hakae nakong e tlang. Hangata ho nkuoa lithekong tsa Options 'me ho molemo bakeng sa ho bolela esale pele liphetoho tse ka bang teng tsa litheko.
Mokhoa oa ho lekanya ho feto-fetoha
Bahoebi ba sebelisa lisebelisoa tse fapaneng ho lekanya ho feto-fetoha hoa Market oa Stocks:
- Beta: Ho angoa hoa Stock ha ho bapisoa le index ea tekanyetso (mohlala, S&P 500). Beta e ka holimo ho 1 e bolela hore Stock e feto-fetoha haholo ho feta index, athe beta e ka tlase ho 1 e bolela hore e tsitsitse haholoanyane.

- VIX (Volatility Index): E bitsoang hape “sesupo sa tšabo,” VIX e lekanya ho feto-fetoha ho lebeletsoeng hoa Market matsatsing a 30 a tlang. VIX e nyolohang hangata e bontša ho hloka bonnete le metsamao e meholo e ka bang teng ea litheko. VIX e baloa ke Chicago Board Options Exchange (CBOE).
Ke eng e bakang ho feto-fetoha hoa Market oa Stocks?
Mabaka a 'maloa a kenya letsoho ho ho feto-fetoha hoa Market oa Stocks, ho kenyeletsoa:
Mabaka a moruo o moholo (Lintho tsa boemo bo akaretsang)
- Litšisinyeho tsa moruo: Mathata a lefatše, ho putlama hoa moruo, kapa liphetoho tsa maano li ka sisinya Market.
- Leano la lichelete: Ha libanka tse kholo li nyolla kapa li theola sekhahla sa tsoala, seo se ama tšepo ho Market.
- Liketsahalo tsa lipolotiki: Likhetho, lintoa tsa khoebo, le likhohlano tsa lipolotiki tsa lefatše li ka baka ho hloka bonnete le liphetoho tse kholo ho Market.
Mabaka a moruo o monyenyane (Lintho tse amang khamphani ka kotloloho)
- Litlaleho tsa meputso: Haeba khamphani e feta litebello tsa meputso, theko ea Stock ea eona hangata ea nyoloha haholo. Haeba e hloleha ho li fihlela, lebellang hore e theohe.
- Mekhoa ea indasteri: Liphetoho ho theknoloji, melaoana, kapa mekhoa ea bareki li ka ama makala aohle.
- Litaba tsa khamphani: Ho theoha setulong hoa CEO kapa theko e kholo ea khamphani ho ka baka metsamao e meholo ea Stocks.
Mokhoa oa ho laola ho feto-fetoha hoa Market oa Stocks
Ho feto-fetoha ha ho hobe ka ho felletseng. Bahoebi ba bang ba atleha ka hona. Empa ho bohlokoa ho ba le moralo. Tsena ke a mang a maano a tla le thusa ho laola liphetoho tsa Market:
- Arolang likhoebo tsa lona: Phatlalatsang likhoebo tsa lona liindastering tse fapaneng ho fokotsa kotsi.
- Nahanang ka nako e telele: Tsepamisang maikutlo kholong ea nako e telele, eseng moferefereng oa Market oa nako e khutšoanyane.
- Sebelisang kakaretso ea litšenyehelo tsa lidolara: Kenyelletsang chelete e tsitsitseng khoebong khafetsa, ho sa tsotellehe se etsahalang ho Market.
- Lekanyetsang bocha potefolio ea lona: Fetolang likhoebo tsa lona nako le nako ho boloka boemo ba kotsi boo le bo ratang.
- Lulang le na le tsebo: Behang leihlo litabeng tsa moruo le mekhoeng ea Market ho lebella ho feto-fetoha ho ka bang teng.
Ho feto-fetoha hoa Market oa Stocks hase ntho e lokelang ho tšajoa. Ke ntho e lokelang ho utloisisoa le ho laoloa. Ho sa tsotellehe hore na le mohoebi oa letsatsi ea batlang metsamao e potlakileng kapa mohoebi oa nako e telele ea mamellang maqhubu, ho ba le maano a nepahetseng ho tla etsa hore le lule le le sebete boemong bofe kapa bofe ba Market.
Na le malala-a-laotsoe ho leka maano a lona ho li-Market tse feto-fetohang? Ngolisang bakeng sa ak'haonte ea demo ea Deriv ea mahala e nang le $10,000 ea lichelete tsa boikaketsiso 'me le leke tsebo ea lona ea khoebo kajeno!
Quiz
Ke efe ho tse latelang e ESENG sesosa sa ho fetoha-fetoha ha Market oa Stocks?


