Skip to main content

Multipliers

Atisang phaello ea lona e ka bang khōlō ka makhetlo a fihlang 4,000x haeba market e sisinyeha ka tsela e le molemong oa lona.

Etsang Khoebo ea Multipliers

Le ka etsa khoebo ea Multipliers joang?

Multipliers li lumella hore le atise phaello kapa tahlehelo ea lona e ka bang teng ka ho sebelisa multiplier phetohong ea theko ea thepa.

Hodimo

Fumanang phaello haeba theko ea thepa e nyoloha ho feta theko ea ho kena nakong eo le koalang khoebo ka eona.

Tlase

Fumanang phaello haeba theko ea thepa e theoha ho ka tlase ho theko ea ho kena nakong eo le koalang khoebo ka eona.

Lesedi le eketsehileng

Komišene e tsitsitseng e lefisoa ha le bula khoebo ea Multipliers. Chelete eo e fapana ho ea ka mofuta oa thepa le ho fetoha-fetoha ha market.

Khoebo ea lona e koaloa ka boeona haeba boemo ba Stop Out bo finyeletsoe.

Le ka laola kotsi ka lisebelisoa tse kang take profit, stop loss, le ho hlakoloa ha tumellano (ha e le teng).

Le ka koala khoebo ea lona neng kapa neng. Leha ho le joalo, hlokomelang hore kotsi ea slippage e ka ama chelete eo le e fumanang qetellong.

WhatsApp