
Na le nahana ho etsa khoebo ea Contract for Difference (CFDs) empa ha le na bonnete ba hore le qale kae? Ha re buisaneng ka Deriv MT5, sethala se ka sehloohong sa ho etsa khoebo ea li-CFD kapele. Ebang le qala kapa le mohoebi ea nang le boiphihlelo, Deriv MT5 e na le tsohle tseo le li hlokang ho etsa likhoebo tse nang le tsebo.
Hantle-ntle khoebo ea CFD ke eng?
Ka li-CFD, ha le be beng ba thepa e kang khauta kapa Stocks. Ho e-na le hoo, le bolela esale pele hore na theko ea eona e tla nyoloha kapa e theohe. Haeba khakanyo ea lona e nepahetse, le etsa phaello. Haeba ho se joalo, le ka lahleheloa. Ho bonolo, na ha ho joalo? Deriv MT5 e etsa hore khoebo ea CFD e be bonolo ebile e tsamaee hantle.
Ke hobane'ng ha le lokela ho etsa khoebo ka Deriv MT5?
Deriv MT5 hase feela sethala se seng sa khoebo se etselitsoeng ho nolofatsa bophelo ba lona. Lebaka leo bahoebi ba se ratang ke lena:
- Ho bonolo ho se sebelisa: Ebang le bacha kapa le na le boiphihlelo, ntho e 'ngoe le e 'ngoe e bonolo ho e fumana le ho e sebelisa.
- Temohisiso ea Market: Lichate le lisebelisoa li le thusa ho latela mekhoa ea 'maraka le ho bona menyetla ea khoebo.
- Khetho e pharaletseng: Etsang khoebo ka lichelete, lithoto, Stocks, le Derived Indices tse ikhethang tsa Deriv.
- Li-ak'haonte tse etselitsoeng lona: Mefuta e fapaneng ea li-ak'haonte e lumellana le mekhoa e fapaneng ea khoebo le maemo a boiphihlelo.
Fumanang ak'haonte e le loketseng hantle
Deriv MT5 e fana ka mefuta e mengata ea li-ak'haonte ho lumellana le litlhoko tse fapaneng tsa khoebo:
- Ak'haonte ea Standard. Khetho e ntle bakeng sa tsohle e nang le li-spread tse hlōlisanang le litefiso tsa swap.
- Ak'haonte ea Swap-free. Ha ho litefiso tsa bosiu bo le bong, e loketse bahoebi ba nako e telele hantle.
- Ak'haonte ea Zero spread. Ha ho li-spread, ke likomišene tse tsitsitseng feela bakeng sa litšenyehelo tse nepahetseng le tse tsejoang esale pele.
- Ak'haonte ea Financial. Li-spread tse nyane ka ho fetisisa bakeng sa ba etsang likhoebo khafetsa.
Le sebelisa Deriv MT5 kae: Komporong, marang-rang, kapa fonong?
Ho sa tsotellehe hore na le rata ho etsa khoebo joang, ho na le mofuta oa Deriv MT5 o lumellanang le mokhoa oa lona:
Sethala sa komporo. Khetho e nang le likarolo tsohle bakeng sa Windows, macOS, le Linux.
- Behang lichate tse ngata leihlo ka nako e le 'ngoe.
- Sebelisang matšoao a tekheniki le lisebelisoa tsa ho taka ho hlahloba mekhoa ea 'maraka.
- Behang litheko tsa thepa leihlo ka Market Watch.
- Etsang hore likhoebo li iketse ka Expert Advisors (EAs).
Deriv MT5 ea marang-rang. Ha ho hlokahale ho khoasolla letho, le kena hang-hang ho tsoa ho sebatli sa lona.
- Etsang khoebo kae kapa kae, neng kapa neng.
- Sebopeho se bonolo le se utloisisehang habonolo.
- E lula e le nakong ka likarolo tsa morao-rao.
Deriv MT5 ea fono. Etsang khoebo ka boitšepo ha le ntse le tsamaea.
- Fumanang lintlafatso tsa Market ka nako ea sebele.
- Laolang likhoebo hang-hang ho tsoa sesebelisoa sa lona.
- Lulang le hokahane kae kapa kae moo le eang teng.
Na le itokiselitse ho qala ho etsa khoebo?
Ho qala ka Deriv MT5 ho bonolo. Etelang feela sebaka sa marang-rang sa Deriv, khoasollang mofuta o le loketseng ka ho fetisisa, kapa lekang mofuta oa marang-rang bakeng sa qalo e se nang mathata. Haeba le le bacha, ikoetliseng ka ak'haonte ea demo pele le etsa khoebo ka chelete ea sebele.
Na le labalabela ho ithuta haholoanyane? Lekolang lithuto tsa mahala tsa Deriv MT5 ho haha boitšepo ba lona.
Quiz
Haeba le batla likarolo tse tsoetseng pele ka ho fetisisa, le lokela ho khetha mofuta ofe?


