
Tlhokomeliso: Ho tloha ka Phato 2025, ha re sa fana ka sethala sa Deriv X.
Na le qala khoebo ea CFD? Sethala seo le se khethang se ka ba le tšusumetso e kholo boiphihlelong ba lona ba khoebo. Ho Deriv, re fana ka lithala tse tharo tse matla—MetaTrader 5 (MT5), cTrader, le Deriv X. Se seng le se seng se na le matla a sona, kahoo a re hlahlobeng se seng le se seng ho le thusa ho fumana se tšoanelang mokhoa oa lona oa khoebo hantle.
Deriv MetaTrader 5 (MT5): Sethala se matla se nang le tsohle
MetaTrader 5 ke se seng sa lithala tsa khoebo tse tsebahalang haholo le tse nang le likarolo tse ngata lefatšeng. Ho sa tsotellehe hore na le ba qalang kapa bahoebi ba tsoetseng pele, MT5 e fana ka lisebelisoa tse matla bakeng sa tlhahlobo ea tekheniki, khoebo e iketsang, le ho beha limmaraka leihlo. Le ka se sebelisa ho komporo, marang-rang, le mohala oa letsoho.
Mefuta ea li-ak'haonte tsa MT5
MT5 e fana ka mefuta e fapaneng ea li-ak'haonte ho lumellana le litlhoko tsa lona tsa khoebo:
- Ak'haonte ea Standard. Fihlellang mefuta e mengata ea thepa, ho kenyeletsoa Forex, lithoto, hammoho le Tactical le Derived Indices tsa Deriv.
- Ak'haonte ea Financial. E etselitsoe bahoebi ba ratang li-spread tse nyane thepeng ea lichelete.
- Ak'haonte ea Swap-free. E qoba litefiso tsa bosiu bo le bong, e leng se etsang hore e lokele bahoebi ba latelang melao-motheo e itseng ea lichelete.
- Ak'haonte ea Zero spread. Ha e na li-spread empa e kenyeletsa komišene khoebong e 'ngoe le e 'ngoe bakeng sa taolo e nepahetseng ea litšenyehelo.
Lichate le tlhahlobo e tsoetseng pele
MT5 e na le mefuta e fapaneng ea lichate, matšoao a tekheniki, le lisebelisoa tsa ho taka ho thusa bahoebi ho ntlafatsa maano a bona a mmaraka. E ka fetoloa ka botlalo ho latela litakatso tsa lona, e le lumellang ho hlophisa lichate le sebopeho tse lumellanang le mokhoa oo le o ratang.

Deriv cTrader: Khoebo e bonolo le ea sechaba
cTrader ke sethala sa khoebo ea CFD se utloisisehang habonolo se tsepamisitseng maikutlo sebopehong se hloekileng le se bonolo ho se sebelisa. Se fumaneha ho komporo, marang-rang, le mohala oa letsoho, 'me se etselitsoe ho ba bonolo ho sa tsotellehe boemo ba lona ba boiphihlelo. Empa ke eng e se khethollang? Copy Trading.
Copy Trading ea CFD
Na le batla ho hata mehlaleng ea bahoebi ba nang le boiphihlelo? Karolo ea Copy Trading ea cTrader e le lumella ho kopitsa maano a bahoebi ba litsebi ka boiketsetso. Sena se ka tlisa phetoho e kholo ho ba qalang, ka ho fana ka:
- Boiphihlelo ba ho ithuta ka tšebetso ho tsoa ho bahoebi ba nang le boiphihlelo.
- Phapano ea khoebo ka ho latela maano a mangata.
- Nako e fokolang skrineng. Ba bang ba ka etsa mosebetsi o boima ha lona le ntse le beha liphetho leihlo.

Deriv X: E fetolehang ka botlalo ka TradingView
Bakeng sa bahoebi ba ratang ho iketsetsa liphetoho, Deriv X ke sethala se tenyetsehang se kopanyang matla a lichate tsa TradingView. Se fumaneha marang-rang le mohaleng oa letsoho, 'me se fana ka boiphihlelo bo ikhethileng bakeng sa bahoebi ba ananelang mokhoa o lumellanang le bona.
Ke eng e etsang hore Deriv X e ikhethe?
- E fetoleha haholo: Hlophisang leqephe la lona la taolo ea khoebo ka li-widget ho theha sebopeho se lumellanang le mokhoa oa lona.
- Khokahano ea TradingView: Unang molemo ho lichate tsa TradingView tse fetolehang haholo, matšoao, le lisebelisoa tsa ho taka.
- Ho beha thepa e ngata leihlo: Shebang lichate tse ngata ka nako e le 'ngoe ho latela limmaraka le linako tse fapaneng ka katleho.

ha le na bonnete ba hore na ke sethala sefe sa CFD se le tšoanelang hantle?
Sethala se molemo ka ho fetisisa se itšetlehile ka seo le se batlang:
- MT5: E loketse bahoebi ba batlang tlhahlobo ea tekheniki e tsoetseng pele le likhetho tse fapaneng tsa li-ak'haonte.
- cTrader: E nepahetse haeba le batla sethala se bonolo ho ba qalang se nang le tšebetso ea Copy Trading.
- Deriv X: E ntle haholo bakeng sa bahoebi ba ratang ho iketsetsa liphetoho le lisebelisoa tse matla tsa lichate.
Na le batla ho ba le bonnete? Li lekileng kaofela ho ak'haonte ea demo pele.
Bulang ak'haonte ea demo ea mahala sethaleng se seng le se seng 'me le bone hore na ke sefe se le tšoanelang. Mokhoa o molemo ka ho fetisisa oa ho khetha ke ka ho iketsetsa boiphihlelo ka bolona.
Na le se le malala-a-laotsoe ho hoeba? Bulang ak'haonte ea demo kajeno 'me le fumane sethala se tšoanelang khoebo ea lona hantle!
Quiz
Ke sethala sefe se molemo ka ho fetisisa bakeng sa Copy Trading?


